21/06/2026
Letsatsi la Bo-Ntate le monate ho bo-Ntate bohle π*
_Ho tsoa ho rona bohle Matholeng Gardens_ πΏ
Ho bo-Ntate ba ratehang,
Kajeno pelo ea rona e tletse teboho π’β€οΈ
Rea ema re le Matholeng Gardens ho re: *Kea leboha Ntate*.
Kea leboha ka matsoho a sebetsang leha a khathetse π
Kea leboha ka lithapelo tsa bosiu boo ho seng ea tsebang π
Kea leboha ka lerato le khutsitseng, empa le matla ho feta lefeela le leng le leng π
Ntate, u motheo oa ntlo π
U moriti ha letsatsi le chesa βοΈβ‘οΈπ³
U sebete ha re tΕ‘ohile π¦
U thuto e kholo ka ho fetisisa - ha u bue haholo, empa re ithuta ho uena letsatsi le leng le leng π
Ho bo-Ntate ba teng, bo-Ntate ba seng ba le sieo empa meea ea bona e ntse e re sireletsa πΌ,
Ho bo-Ntate ba holang bana ba sa ba tsoaleng, le bo-Ntate ba ntseng ba ithuta mohato ka mohato...
Rea le bona. Re leboha. Rea le rata. ππ
Kajeno re kopa Molimo a le hlohonolofatse ka bophelo, khotso le thabo.
A matsoho a lona a se hlole a khathala, a lipelo tsa lona li lule li le matla.
Ho tsoa lelapeng la *Matholeng Gardens*, re:
*Happy Fatherβs Day, bo-Ntate ba rona. Le bohlokoa. Le bahale ba rona.* π«‘β€οΈ